LEFAPHA LA BOPHELO BO BOTLE
KANKERE YA MAKWALATA
BOPHELO BA HAO BO DIATLENG TSA HAO
NA EBE KANKERE YA MAKWALATA KE ENG?
Ke mofuta o sa atang haholo wa kankere banneng. E ka hlaha dilemong dife kapa dife empa e atile haholo ho banna ba batjha ba dilemo tse 20 ho isa ho tse 40. Ka tlwaelo ke lekwalata le le leng feela le amehang. Sesosa sa kankere ya makwalata ha se tsejwe. E ama banna ka nako eo ba kgathatsehileng haholo ka bokgoni ba ho tswala le ho qala malapa.
Kankere ya makwalata e jara boikarabelo bakeng sa 0.75% ho isa ho 1.46% tsa dikankere tsohle banneng tse tlalehilweng ho Tsa Ngodiso ya Kankere bakeng sa dilemo tsa 1996 le 1997.
KE DIHLOPHA DIFE TSE LENG KOTSING?
Banna ba nang le histori ya makwalata a sa theohelang tlase (sena se lokisitswe kapa se sa lokiswa). Monyetla wa kotsi o ka nyoloha ho fihlella o menahana ka makgetlo a 11. Masea ohle a bashemane a tshwanetse ho lekolwa ha a tswala bakeng sa ho lemoha makwalata a sa theohelang tlase.
Banna ba nang le histori ya ba lelapa ba nang le kankere ya makwalata.
Banna ba nang le bothata ba ho hloka bokgoni ba ho tswala.
TEMOHO YA KA PELE
Motho ka boyena a ka lemoha tse ngata tse sa tlwaelehang makwalateng. Tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho fumana tse sa tlwaelehang ke ya ho itlhahloba makwalata ka bowena.
Ho itlhahloba makwalata ka bowena
Ho itlhahloba makwalata ka bowena o ka ho etsa hantle haholo ka mora ho hlapa ka metsi a futhumetseng, ho tola ka metsi a futhumetseng kapa ho shawara ka metsi a futhumetseng. Motjheso o etsa mokotlana wa makwalata o lokolohe, mme sena se etsa ho be bonolo ho lemoha dife kapa dife tse sa tlwaelehang.
Haeba o dilemo tse 18 le ho feta, latela mehato ena kgwedi e nngwe le e nngwe:
Lekola ho ruruha hofe kapa hofe ho mokotlana wa makwalata.
Seipone se ka thusa.
Lekola lekwalata ka leng ka matsoho a mabedi. Beha monwana wa ho supa le o bohareng ka tlasa lekwalata mme menwana e metona e be ka hodimo. Dikolosa lekwalata ha bonolo pakeng tsa monwana o motona le menwana e meng. Se ke wa tshoha haeba lekwalata le leng le bonahala le le leholwanyane ho feta le leng. Sena ke se tlwaelehileng.
Maqhutsu a kankere a atisa ho fumanwa mahlakoreng a makwalata, empa a ka nna a boela a fumaneha bohareng kapa ka pele makwalateng.
Fumana karolwana e bonolo e kang tjhupu ka mora makwalata. Yona e bitswa ephididimese, mme e bokella le ho tsamaisa lero la senna. Itlwaetse sebopeho sena. Se ke wa etsa phoso mme o nahane hore ke leqhutsu le belaetsang.
Batla tse latelang:
Leqhutsu le lenyenyane (le lekanang le erekisi) le seng bohloko ka hara lekwalata. Ha se hore maqhutsu ohle ke a kankere.
Lekwalata le ruruhileng.
Boima bo utlwahalang lekwalateng kapa nokeng.
Phetoho ho mokgwa oo lekwalata le utlwahalang ka teng.
Matswele le ditlhoko tse ruruhileng.
Mokedikedi o bokellanang ka potlako mokotlaneng wa makwalata.
Ho ba bohloko ha lekwalata.
MEHATO E KA NKUWANG:
Haeba o na le mahlaba a mabe haholo makwalateng ? fumana tlhokomelo ya maemo a tshohanyetso.
Haeba maqhutsu, ho hola, ho ruruha kapa ho fetoha ha sebopeho ho ka utlwahala mokotlaneng wa makwalata ? bona ngaka.
Haeba o utlwa boima bofe kapa bofe bo itseng ? bona ngaka.
Haeba ho na le kgolo ya matswele le ditlhoko le/kapa ho utlwa o ruruha mokotlana wa makwalata ka potlako ? bona ngaka.
Haeba ha ho tse sa tlwaelehang tse fumanwang ? tswela pele ka ho itlhahloba makwalata ka bowena ho fihlela o fihla dilemong tse 40/45.
HOPOLA:
Kankere ya makwalata e ka fodiswa, haholoholo ha e ka lomohwa le ho alashwa e sa le nako.
Ho tloswa ha lekwalata le le leng ha ho sitise bokgoni ba ho tswala kapa tshebetso ya tsa thobalano
